Ace Magashule o kwallwa monyetla wa ho boela mosebetsing wa hae

Ace Magashule o kwallwa monyetla wa ho boela mosebetsing wa hae

Share the News

Lekgotla la Molao wa Motheo le kwetse monyetla wa hore mongodi e moholo wa mokga wa ANC ya behelletsweng ka thoko, Ace Magashule a boele mosebetsing ona wa hae. Lekgotla lena la Molao wa Motheo le qheletse ka thoko kopo ya boipiletso ya Magashule e mabapi le ho behellwa ka thoko. Magashule o ile a leba lekgotleng le na la dinyewe kamora hore Lekgotla le Leholo la Maipiletso le qhelele ka thoko boipiletso bona ka kgwedi ya Pherekgong. Lekgetlo la pele ha Magashule a lahlehelwa ke boipiletso bona ke selemong sa 2021, moo Lekgotla le Phahamemg la Dinyewe la Gauteng le neng le behella ka thoko boipiletso bona ba ho kgutlela mosebetsing wa hae wa hoba Mongodi e Moholo wa mokga wa ANC. O behelletswe ka thoko ke mokga ka kgwedi ya Mmesa selemong sa 2021, ho latela qeto ya mokga ya ho behella ka thoko ditho tse amheng diketsong tsa ditlolo ts molao, mme ditho tseo di hlahella ka pele ho makgotla a dinyewe.

Community Political