“Ho ipolaya ha ho fedisi mathata”Ramaqele

“Ho ipolaya ha ho fedisi mathata”Ramaqele

Share the News

Thabang Mohale


Mopresedente wa mokgatlo o sebetsang ka bophelo bo botle ba kelello wa Advocacy For Mental-
wellbeing Association Moleboheng Ramaqele o re le ha taba ya ho ipolaya e jele tlwae ka hare ho
provinsi ya Free State seo ha se tlisi tharollo ya mathata ao moipolai a neng a tobane le ona.
Ramaqele o buile sena a ipapisitse le diketsahalo tse mmalwa tsa batho ba ipolayang ho potolloha le
provinsi tse tlalehilweng moraong ona.O re batho ba bangata ba nka ho ipolaya e le tharollo ya
mathata empa ba sa shebe ditlamorao tse ka bakwang ke ketso eo.
“Ha o ka thola wa sheba ditlaleho tseo re di amohetseng tsa ho ipolaya ke moo o fumanang Mme le
Ntate ba qwaketsana ka se itseng ebe monna o bolaya mosadi ha a qeta le ena a ipolae.Ketsahalo
tsena o tla hlokomela hore ka nako tse ding di etsahala pontsheng ya bana,mme sena se baka tshita
kgolong ya ngwana ka ha a tlo hola ka nako tse ding ka kelello e amehileng ka tsela e seng hantle
hoo ekareng ha a ntse a hola le ena a nahana hore tsela e nephetseng ke yona eo batswadi ba hae
ba tsamaileng ka yona”Ramaqele.
Ramaqele o re bana ba holelang ka hara malapa a nang le tlhekefetso ke bana bao hangata ba otlang
bana ba bang dikolong le nakong eo ba bapalang metseng.
Hofihlela hajwale ke nyewe tse mmalwa tse seng di tlalehilwe tsa batho ba ipolaileng ho
kenyelleditse ya monna ya dilemo di 26 wa Zone 7 Meqheleng.
“Ke rata ho tsebisa baahi ba Thabo mofutsanyana hore re le Advocacy For Mental Well-being re
mona molemong wa bona,mme re fana ka ditshebelletso mahala.Bothata ba batho ba rona ke ho
kwalla maikutlo ho fihlella ba se ba sitwa ho a laola ke ka hona re nang le dinyewe tse ngata tjena
tsa dipolao le tsa batho ba ipolaileng.Re na le baemedi Qwa Qwa le Thaba-Nchu,mme ntlokgolo ya
rona e Arts Centre ka dishopong bareng ya kgale Meqheleng”Ramaqele.
Ramaqele o re o ipiletsa ho setjhaba ho ba atamela matsatsing a beke dihoreng tsa tshebetso.
“Ngwaneso setjhaba se ka re sala morao ho Face Book Account ya rona eleng Advocacy For Mental
Well-being Association SA kapa ba re letsetsa nomorong ya 063 263 5783 bakeng sa dintlha tse
felletseng”.

Bulletin Community Editors Pick